MOLAO WA TAOLO YA DITHUNYA
(MOLAO WA NOMORO YA 60 WA 2000)
NAKO E SE E EKEDITSWE
HO BEUWE LETSATSI LE LETJHA LA HO QETELA
Matsatsi a latelang a hlophisitsweng botjha a ntjhafatso ya dilaesense ka ho ya ka matsatsi a tswalo, a sebetsa ho motho ya batlang ho ntjhafatsa laesense ya hae ya sethunya, phemiti kapa tumello.
Letsatsi la Tswalo Nako ya ntjhafatso
Pherekgong ho isa ho 31 Tlhakubele 1 Pherekgong 2005 ho isa ho la 31 Tlhakubele 2006
Mmesa ho isa ho la 30 Phupjane 1 Pherekgong 2006 ho isa ho la 31 Tlhakubele 2007
Phupu ho isa ho la 30 Loetse 1 Pherekgong 2007 ho isa ho la 31 Tlhakubele 2008
Mphalane ho isa ho la 31 Tshitwe 1 Pherekgong 2008 ho isa ho la 31 Tlhakubele 2009
Motho ofe kapa ofe ya seng a sa batle ho ba le sethunya kapa dithunya tse nang le laesense a ka tsamaisa sethunya kapa dithunya tseo ka ditsela tsena tse latelang:
A rekisetsa mohwebi ya nang le laesense sethunya seo
A rekisetsa motho e mong sethunya seo mme motho eo yena o lokela ho fumana laesense ya ho tshwara sethunya seo.
A ka etsa hore sethunya seo se etswe hore se se hlole se sebetsa ke mohwebi wa dithunya ya nang le laesense ka mora ho fumana tumello ho tswa ho ba Tshebeletso ya sepolesa sa Afrika Borwa.
A ka isa sethunya kapa dithunya tseo ho ba Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa hore se ilo sengwa.
A ka etsa hore sethunya seo se rekiswe ka ntle ho naha bakeng saruri.
A ka rekisa sethunya kgwebong e ananetsweng.
Setsi seo o ka Letsetsang ho sona sa Naha sa Dithunya:
HO ISWA HA DITHUNYA KA BOITHAOPO HO BA TSHEBELETSO YA SEPOLESA YA AFRIKA BORWA
Mohato wa 1:
E ya le hona ho latelang ho Mohlanka ya Kgethuweng wa Dithunya kapa setho se kgethuweng se seteisheneng sa mapolesa:
tokomane ya hao ya mantlha ya boitsebiso ya semmuso laesense/dilaesense tsa hao tsa mantlha tsa sethunya, phemiti/diphemiti kapa tumello/ditumello tsa sethunya/dithunya tseo o tla di neha ba Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa;
sethunya/dithunya tse tshwanetseng le/kapa dibetsa tseo o tla nehelana ka tsona ho ba tla Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa
Mohato wa 2:
O tla tshwanela ho tlatsa karolo/dikarolo tse tshwanetseng tsa foromo ya SAPS 522 (a) (ya ho Neela sethunya/dithunya).
Mohato wa 3:
Mohlanka ya Kgethuweng wa Dithunya kapa setho se kgethuweng seteisheneng sa mapolesa se tla nka sethunya/dithunya le/kapa dibetsa tse kotsi mmoho le laesense/dilaesense, phemiti/diphemiti kapa tumello/ditumello tse tshwanetseng
Mohato wa 4:
Etsa bonnete ba hore o fumana kananelo ya kamohelo jwalo ka bopaki ba hore sethunya/dithunya kapa dibetsa tse kotsi mmoho le laesense/dilaesense, phemiti/diphemiti kapa tumello/ditumello tse tshwanetseng di fuwe ba Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa.
Mohato wa 5:
Sethunya/dithunya di tla hlakolwa Mokgweng wa Tshebetso wa Ngodiso ya Dithunya wa ba Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa.
Mohato wa 6.
Sethunya/dithunya di tla sengwa ke ba Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa.
Ha ho na ditjeo tsa letho bakeng sa motho ya ithaopang ho tlisa sethunya le/kapa dibetsa tse kotsi ho ba Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa hore di sengwe. Motho ofe kapa ofe ya senyang kapa ya tjhentjhang sethunya o tla be a tlola molao mme a ka qoswa ka botlokotsebe.
